DIPOTSO TSE BUTSWANG HANGATA
Kajeno, baemo ba batho ba sa ikutlweng bo utlwisiswa kalafong
jwaleka boemo bo tshwanang le ha motho a robetse. Teng motho ha
a tsebe ho tsoha le ho araba ntho tse etsahalang kantle le ka
hare ho yena. Le ha ho le jwalo, ho ComaCARE
re kgolwa hore batho ba boemong ba ho se ikutlwe ba sebetsa ka
thata hore ba utlwe se etsahalang, ka tsela eo re ka tseba hore
re buwe le bona ka tsela tse ding tse itseng.
Ha motho a le boemong ba ho se ikutlwe, o lemoha se latelang,
ka nako e nngwe robetse ka nako e nngwe o shebile. Sena se tsebahala
ka metsotswana e latelanang ka bogkutswane boikutlong bo bonyenyane
haholo. Batho ba boemong bo sa ikutlweng ho ya etsahala hore ka
nako e nngwe ebe ba tseba hore ho etsahalang kahohle.
Ka mehla ela hloko hore motho ya boemong bo sa ikutlweng o ya
tseba ho utlwa. Ho utlwa ho dula ho le teng. Hangata bua le yena
– ‘’mamedisisa’’ hore na ho na le
ntho e supang hore o ya utlwa, qala ho sebedisa letshwao la (eya/tjhe)
ho buisana le yena.
Ha ho jwalo. Ho molemo ho bua le yena ka lentswe le mokgwa o tlwaelehileng
le teng hlokomela hore na boemo bo jwang ka kamoreng eo motho
a robetseng ho yona. Ka nako e nngwe, ho tla hlokahala hore ho
kgothaletsa le ho thoholetsa motho enwa ho etswe ke batho ba bangata.
Hangata motho ha ana tsela ya ho bontsha hore o ikutlwa jwang,
jwale o shebahala a le hara mahloko ho ba mo shebileng empa e
ka nna yaba ha ho jwalo, hantle-hantle kahare ho yena a sa utlwe
bohloko. Ha ho le jwalo o se inkela hore ba utlwa bohloko. Ho
molemo hore o kgothatse motho ya sa ikutlweng le hore o se ke
wa re ‘’o ya lla, kapa o utlwa bohloko’ mo bolelle
hore ‘’ho na le metsi a tswang ka mahlong a hao’’.
Hona ho kgothatsa motho hape ho tla etsa hore kelello ya hae e
phaphame, e tsebe ho utlwa hore maikutlo a hae a jwang. Ha ho
ka etsahala, leka ho bua le motho ya sa ikutlweng ka tsela e itseng,
tsela e tla bontsha hore na o ikutlwa jwang, kapa o dumellana
le wena kapa tjhe.
Ha u mo tshwenye ha ekaba u ithuta hore na motho o ya hloleha
le hape ho leka hore a bontshe hore o ya o utlwa na. O seke wa
leka ho bua le yena ho feta dintlha tse tharo. Ha a sa o arabe,
ha se ho bolela hore teko ya hao ha ya phomella. E kanna yaba
hore motho ya sa ikutleng o borokong bo tebileng kapa monahano
wa hae o tebile kapa o sebetsa ka hare. Ketso e tswang kantle
e kanna ya ba molemo hobane e ka etsa hore monahano o phaphame.
Hona ho ka tlisa phetoho boemong ba motho ya sa ikutlweng. O kanna
wa iphumana o le tseleng e nepahetseng ya ho fumana ho buisana
le motho ya boemong ba ho se ikutlwe.
Ha o ka itsebisa yena, ka ho tjho hore wena o mang le ho kopa
tumello.
Ditokelo tsa batho di ama batho bohle. Jwale he, o tlameha ho
ela hloko ha o buwa le motho ya sa ikutlweng.How long does a coma
last?
Ka kakaretso boemo ba ho se ikutlwe bo tebileng bo nka dibeke
tse pedi ho ya ho tse nne. Ha motho a sa tsohe boemong ba ho se
ikutlwe, o be a le kahare ho boemo bo tswanang le ho robala. Boemo
bona bo etsahala haholo ho batho ba bileng le kotsi bokong, le
batho ba utlwileng bohloko ka tsela tse itseng, ka baka leno,
phallo ya madi a bona ha e tsamaye hantle. e kanna ya etsa hore
ba be le hona ba bonahala eka ba tla tloha ba ikela badimong.
Ka kakaretso, batho ba boemong ba ho se ikutlwe ba lemetseng bokong
hangata ba a tseba ho fola haholo, ha ba newa kalafo e tobaneng
le ya batho ba sa ikutlweng. Le ha ho le jwalo, kotsi ya hloho
e ama batho ka ho se tswane. Le teng ho boima ho tjho hore motho
aka thuseha jwang.
Ho molemo ho fumana pele tsebo ka boemo ba mmele le monahano pele
motho a fumana boemo ba ho se ikutlwe. Ho bohlokwa ho tseba nnete
hobane ha motho a bonahala ekare o ya phaphama, a kanna a hopola
hore ho ne ho etsahala eng ka yena pelenyana. Le ha ho le jwalo,
o seke wa mo hopotsa, ha ontse o buisana le yena, ha e kaba ha
o fumane karabo ho yena. Mohlomong ha a nahane ka tsona ho robaleng
ha hae ho tibileng.?
Ha motho a le boemong ba ho se ikutlwe, diteko tse itseng di a
sebediswa ho bontsha hore kotsi e etsahetse kae bokong.
- Teko e etswa ka ‘electroencephalogram’ (EEG) e
sediswang hore e bontshe hore motho o shebile, o tsohile kapa
o robetse.
- E nngwe e sebediswang ke ‘computerized tomography (CT)
kapa computerized axial tomography (CAT) yona e bontsha dikarolo
kaofela tsa boko le hore na boemo ba boko bo jwang na.
- Le Glasgow le Rancho Los Amigos scales, tsona he, di lekanya
boema ba ho se ikutlwe. Di bontsha hore boemo ba ho se ikutlwe
bo tebile ha kae na.
- E teng tsela e nngwe ya ho hlahloba bana bao le bona ba leng
boemong ba ho se ikutlwe.
Machini eno eka betheng, e behetswe hore e hlokomele mokudi
le ho mo boloka boemong bo tsitsitseng. Setshabe ho botsa mooki
kapa ngaka hore ba etsang. Tse ding tse tlwaetsweng ho sebediswa
ka kalafong:
-
Ke pompo e tshesanyane e kopane le machini, pompo ena e kena
mothapong wa madi, hangata letshohong. Mosebetsi wa yona ke
ho shebana le hore madi a boima jwang le hore oxygene le carbon
dioxide di kae mading.
-
Ena ke pompo e bonolo, e sebediswa ho hula le ho kenya tsohle
tse metsi mmeleng. Hangata, e hula moroto ka senyeng.
-
Machini ona, o hlahloba hore pelo ya mokudi e sebetsa jwang
na. Machini ona o na le ,dithapo tsa motlakase tse nang le sekwahelo
se botjhitja, se bewang sefubeng.
-
Ona o lekanya boima ka bokong, machine ona o bewa lehateng
la hloho.
-
Pompo ena e kena mothapong wa madi ka yona maro le meriana
di ka fanwa mmeleng.
-
Pompo e feta ka hare ho nko, le mmetso e qetella ka mpeng.
Pompo ena e dumella hore motho a ka fetshwa ka yona. Entsha
le bodila ka mpeng.
-
Machini ona o thusa motho ka ho phefomoloha.
Pompo e kenngwa lesobeng le entsweng qoqothong, ho thusa ka
ho phefomoloha.
Jwalo ka motho ya fanang ka thlokomelo kapa motswalle, nka nako
ho mamela maikutlo a ba leloko le metswalle kantle le ho ba
moahlodi. Ka nako e nngwe ba leloko ba tla iphumana ba halefile,
ba se na tshepo, kapa matla, jwalo jwalo. Maikutlo a bona ba
kanna ba a bontsha ka tsela e sa nepahalang. Ba mamele, o ba
tlose pela mokudi. Ba bolelle ka mosebetsi wa ComaCARE, le hore
ba ka fumana tsebiso hokae.